'MALETURUPA

34 0 0
                                    


"Tsoha monna 'Maleturupa nako ea ho ea sila ese fihlile."

Ebe banna ke hoba ba utluile hore matla a pokola haana moeli?

Ebe ke hoba ba sa tsebe hore le nna ke phoofolo ke hloka ho hema?

Ba lebetse ba ntsositse metsotsoana ka mora hore 'Maliketane a fete.

Ba ntsosa bare re tsohelle khohlong.

Ha bashanyana ba tsohella lephola bare reeng ngope khubelu.

Ke bana hape ha tsatsi le chaba ba feta likotopong, 

Ba feta ba ntantelelitse ba habelelitse hoea Romeng.

Bare ba ilo sila number 1.

Metsotsoana re fihlile, base ba emelletse makoenya,

baa t'soet'soetha ba imona menoana.

 Na ebe nna ketla fula lehoatateng lee?

Na ebe baka ntokolla nke ke nke motjetje letangoaneng leo?

Ao, batle ithabise neng meleko ha ntse ke noa?

Ke batla bo bua, ke batla ho lla,

Empa hee itholele 'Maleturupa.

Hose hokae, retla boela hae.

Otla ja, otla noa,

Otla ipitika ha 'Mantsoili ho fihlela letsatsi le likela.



KHETSIWhere stories live. Discover now